Thepa le Ditshebeletso tse Thibetsweng

Dintlha tsa leano

FETOLA HO KENA
Mabaka a Leano
Ho kgothaletsa polokeho le ho sitisa diketso tse ka bang kotsi, re thibela maiteko a etswang ke batho, bahlahisi, mabenkele, a ho reka, ho rekisa, ho etsa rafole, ho fana ka dimpho, ho fetisa kapa ho hweba ka thepa le ditshebeletso tse itseng lepatlelong la rona Ha re dumelle phapanyetsano kapa thekiso ya dithethefatsi leha e le dife tse ka bakang tshebediso e mpe ya dithethefatsi tse akareditsweng tlasa maano a rona ka tlase mona. Mabenkele a hahilweng le a inthaneteng a ka nna a bapatsa dithunya, jwala le dihlahiswa tsa kwae tse rekiswang kantle ho ditshebeletso tsa rona, empa, re thibela ho bonahala ha dikateng tsena baneng. Re dumella dipuisano tsa thekiso ya thepa ena mabenkeleng kapa mabenkeleng a inthanete, a kgothaletsang diphetoho tsa melawana ya thepa le ditshebeletso tse akaretswang leanong lena le buellang kapa le amanang le tshebediso ya meriana ya khemising ka moelelo wa kalafo ya bongaka, ho kenyeletsa puisano ya ditlamorao tsa yona mmeleng kapa kelellong.
Thepa le Ditshebeletso tse Thibetsweng di kenyeletsa mekgahlelo e latelang:
  • Dithethefatsi le Meriana
  • Dibetsa, Mahlaahlela, kapa Diqhomane
  • Kwae le Dihlahiswa tse Tsamaelanang le Yona
  • Jwala
  • Bophelo bo Botle le Boitekanelo
  • Ho Betjha le Dipapadi Inthaneteng
  • Mefuta e kotsing ya ho fela le e sireleditsweng (diphoofolo tse hlaha le dimela tsa naha)
  • Dinthwana tsa Bonono ba Kgale
  • Dithoto le Thepa e Kotsi
  • Dikarolo tsa Mmele le Lero la Mmele
Mokgahlelo ka mong o tekilwe ka tlase mona.
Dithethefatsi le Meriana
Ha re dumelle:
Dithethefatsi tse kotsi haholo (dithethefatsi tse nang le kgonahalo e matla ya tshebediso e mpe, bokgoba kapa tse amahanngwang le dikotsi tse kgolo tsa bophelo bo botle, ho kenyeletsa ho di ja ho feta tekano; mohl., khokheine, fentanile, heroine)
Dikateng tse:
  • Lekang ho reka, ho rekisa, ho hweba, ho hlophisa kgwebisano ya, ho nyehela, ho fana kapa ho kopa dithethefatsi tse kotsi haholo.
  • Tsa motho ya phoustang ya ipolelang hore yena ka boyena kapa ka batho ba bang o ile a reka, a hweba kapa a hlophisa ho hweba ka dithethefatsi tse kotsi haholo phoustang dikateng ka boyena.
  • Tsa motho ya ipolelang hore o di sebedisitse ntle le ho bolela kapa ho bua ka taba ya ho fola, ho alafuwa kapa thuso e nngwe ya ho lwantsha tshebediso ya tsona. Dikateng tsena di ka nna tsa se bue hantle ka, tsa se kgothalletse tshebediso ya, tsa se hlophise kapa ho fana ka ditaelo tsa ho etsa kapa ho sebedisa dithethefatsi tse kotsi haholo.
  • Hokahanyang kapa tse kgothaletsang (e leng moo re bolelang hore di bua hantle ka, ho kgothaletsa tshebediso ya, kapa ho fana ka ditaelo tsa ho sebedisa kapa ho etsa) dithethefatsi tse kotsi haholo.
  • Ela hloko: Ho ngangisana kapa ho buella ho ba molaong kapa ho tsohla melemo ya saense kapa ya bongaka ya dithethefatsi tse kotsi haholo ho dumelletswe. Sena se kenyeletsa ditsebiso tsa ditaba le tshebeletso ya setjhaba.
Meriana eo e seng ya bongaka (meriana kapa dinthwana tse sa sebedisetsweng morero wa bophelo bo botle kapa e sebedisetswang ho tahwa - sena se kenyeletsa dithethefatsi tsa dikhemikhale kapa dinthwana tse sebediswang bakeng sa tlhahiso ya dithethefatsi tsena.)
Dikateng tse:
  • Lekang ho reka, ho rekisa, ho hweba, ho hlophisa kgwebisano ya, ho nyehela, ho fana kapa ho kopa dithethefatsi tseo e seng tsa bongaka.
  • Ho dumela ho reka, ho hweba kapa ho hlophisa ho hweba ka dithethefatsi tseo e seng tsa bongaka ka motho ya phoustang dikateng ka boyena kapa ka batho ba bang.
  • Tsa motho ya ipolelang hore o di sebedisitse ntle le ho bolela kapa ho bua ka taba ya ho fola, ho alafuwa kapa thuso e nngwe ya ho lwantsha tshebediso ya tsona. Dikateng tsena di ka nna tsa se bue hantle ka, ho kgothalletsa tshebediso ya, ho hlophisa kapa ho fana ka ditaelo tsa ho etsa kapa ho sebedisa dithethefatsi tseo e seng tsa bongaka.
  • Tse hokahanyang kapa tse bapatsang (e leng moo re bolelang ho bua hantle ka, ho kgothaletsa tshebediso ya, kapa ho fana ka ditaelo tsa ho sebedisa kapa ho etsa) dithethefatsi.
  • Tse lekang ho rekisa kapa ho bapatsa dinthwana tsa meriana eo e seng ya bongaka.
  • Tse nang le thepa e bontshang meriana eo e seng ya bongaka.
Meriana e laetsweng ke dingaka (meriana e laetsweng kapa e batlang hore e fanwe ke ditsebi tsa bongaka)
Dikateng tse:
  • Lekang ho reka, ho rekisa kapa ho hweba ka meriana ntle le ha:
    • Tekang letoto la theko ya diente ka moelelo o totobetseng wa thuto kapa puisano ha di thibetswe bakeng sa batho ba baholo ba dilemo tse 18 kapa ho feta.
    • Tshepisang phano ha di phoustilwe ke dikgwebo tsa e-commerce tsa kalafo tse molaong ha di thibetswe bakeng sa batho ba baholo ba dilemo di 18 kapa ho feta. Dikateng tsena di lokela hape ho kenyeletsa boitatolo bakeng sa ho iteanya le setsebi sa kalafo se nang le laesense kapa ho fumana taelo ya nnete ya ngaka.
  • Lekang ho nyehela kapa ho fana ka meriana e laetsweng ke ngaka, ntle le ketsahalong ya koduwa ya moruo, bophelo bo botle, ya bosetjhaba kapa koduwa ya tlhaho.
  • Kopang meriana e laetsweng ke ngaka, ntle leha ho buuwa ka hore na o ka lefellwa habonolo, o fihlelleha habonolo kapa katleho ya meriana ditabeng tsa bongaka.
  • Ela hloko: Ho ngangisana kapa ho buella ho ba molaong kapa ho tshohla melemo ya saense kapa ya bongaka ya meriana e laelwang ke dingaka ho dumelletswe. Sena se kenyeletsa ditsebiso tsa ditaba le tshebeletso ya setjhaba.
Dithethefatsi tsa bodumedi
  • Dikateng tse lekang ho reka, ho rekisa, ho hweba, ho nyehela, kapa ho fana kapa ho kopa dithethefatsi tsa bodumedi.
  • Ela hloko: Ho ngangisana kapa ho buella ho ba molaong kapa ho tsohla melemo ya saense kapa ya bophelo bo botle ya dithethefatsi tsa bodumedi ho dumelletswe.
Matekwane le Dihlahiswa tsa Matekwane
  • Dikateng tse lekang ho reka, ho rekisa, ho hweba, ho nyehela ho fana kapa ho kopa matekwane le dihlahiswa tse nang le THC kapa tse jwalo tsa ho sebetsana le kelello.
Bakeng sa dikateng tse latelang, re thibela ponahalo ya tsona hore e qale ka batho ba baholo ba dilemo di 18 le ho feta:
Dithethefatsi tsa bodumedi
  • Dikateng tse bontshang ho dumela ho itshebedisetsa dithethefatsi tsa bodumedi, tse hokahanyang kapa tse kgothaletsang (ka seo re bolela ho bua hantle ka), kapa tse kgothaletsang hore di sebediswe.
    • Ntle leha sefe kapa sefe sa tse ka hodimo se etsahala ka moelelo wa dintho tse inahanelwang kapa tlhakisetso.
Matekwane le Dihlahiswa tsa Matekwane
  • Dikateng tse hokahanyang kapa kgothaletsang (ka seo re bolela tse buang hantle ka, tse kgothaletsang tshebediso ya, kapa tse fanang ka ditaelo tsa ho sebedisa kapa ho etsa) matekwane le dihlahiswa tse nang le THC kapa tse tsamaelanang le dinthwana tse sebetsanang le kelello.
  • Dikateng tse amanang le kgwebo tse phoustilweng ke dikhemisi tsa matekwane moo ho se nang maiteko a ho reka, ho rekisa kapa ho hweba ka matekwane le dihlahiswa tse nang le THC kapa dinthwana tse sebetsanang le kelello.
  • Dikateng tse lekang ho reka, ho rekisa, ho hweba, ho nyehela, kapa ho kopa cannabidiol e jowang (CBD) kapa dihlahiswa tse tshwanang tsa cannabinoid.
  • Dikateng tse lekang ho reka, ho rekisa, ho hweba, ho nyehela, kapa ho kopa cannabidiol e sa joweng (CBD) kapa dihlahiswa tse tshwanang tsa cannabinoid.
  • Dikateng tse etsang dipolelo tsa bolwetse tse amanang le cannabidiol e sa joweng (CBD) kapa dihlahiswa tse tshwanang tsa cannabinoid.
  • Dikateng tse bontshwana dinthwana tse tsamaelanang le matekwane.
Meriana e laelwang ke dingaka
  • Dikateng tse lekang ho reka, ho rekisa kapa ho hweba ka meriana e fanwang ka taelo ya dingaka ka moelelo leha e le ofe, ho kenyeletsa ha di phoustilwe ke dikgwebo tsa e-commerce tse molaong tsa kalafo.
  • Dikateng tse lekang ho reka, ho rekisa, ho hweba, ho nyehela, kapa ho fana kapa ho kopa meriana e rekiswang mabenkeleng.
  • Dikateng tse kenyelletsang ho dumela kapa ho sebedisa meriana e laelwang ke dingaka.
Dibetsa, Mahlaahlela, kapa Diqhomane
Ha re dumelle:
Dikateng tse:
  • Lekang ho reka, ho rekisa, kapa ho hweba ka dithunya, dikarolo tsa dithunya, mahlaahlela, diqhomane, kapa dintlafatso tsa dibetsa tse kotsi ntle leha:
    • di phoustilwe ke Leqephe, Sehlopha kapa profaele ya Instagram e emelang ditheo tsa semolao tse ahilweng, ho kenyeletsa dikgwebo tsa mabenkele, diwebsaete, mabitso a kgwebo kapa makala a mmuso (mohl. lefapha la sepolesa, lefapha la ditimamollo) kapa motho wa poraefete ya abang dikateng lebitsong la ditheo tsa semolao tse ahilweng; mme e sehetswe moedi hore di hlahe ho batho ba baholo ba dilemo di 21 le ho feta.
  • Maiteko a ho nyehela kapa ho fana ka dithunya, dikarolo tsa dithunya, mahlaahlela, diqhomane kapa dintlafatso tsa dibetsa tse kotsi ntle leha di phoustilwe ka meelelo e latelang:
    • Ho nyehela, ho hwebisana ka kapa ho reka hape dithunya le dikulo ho etswang ke Leqephe, Sehlopha kapa profaele ya Instagram e emelang ditheo tse ahilweng tse molaong, ho kenyeletsa dikgwebo tsa mabenkele, diwebsaete, mabitso a kgwebo kapa makala a mmuso kapa motho wa poraefete ya abang dikateng lebitsong la ditheo tse ahilweng tse molaong; mme di sehetswe moedi hore di hlahe ho batho ba baholo ba dilemo di 21 le ho feta.
    • Fantisi kapa rafole ya dithunya e etswang ke ditheo tse molaong tse aahilweng, ho kenyeletsa dikgwebo tsa mabenkele, mekgatlo e amanang le mmuso kapa e sa etseng phaello, kapa batho ba poraefete ba amanang le kapa ba tshehetswang ke ditheo tse molaong tse ahilweng ka setene le samente; mme di sehetswe moedi hore e hlahe ho batho ba baholo ba dilemo di 21 le ho feta.
  • Kopang dithunya, dikarolo tsa dithunya, dikulo, diqhomane kapa dintlafatso tsa dibetsa tse kotsi.
  • Maiteko a ho reka, ho rekisa, ho fana, ho fapanyetsana, ho fetisa, ho hlophisa, ho bua hantle ka, ho kgothaletsa tshebediso ya kapa ho fana ka monyetla wa ho fihlella kgatiso ya 3D kapa ditaelo tsa ho etsa dithunya ka thuso ya khomphyutha kapa dikarolo tsa dithunya ho sa natswe moelelo kapa phoustara.
  • Maiteko a ho reka, ho rekisa, ho hweba, ho nyehela, ho fana, ho kopa kapa ho dumela thuo ya dinthwana tsa ho fetola motjhinekane.
Bakeng sa dikateng tse latelang, re thibela ho bonahala ha tsona hore di hlahe ho batho ba baholo ba dilemo di 21 le ho feta:
Dibetsa, Mahlaahlela, kapa Diqhomane
  • Dikateng tse phoustilweng kapa tse bapatsang lebenkele le ahilweng, ditheo, ho kenyeletsa dikgwebo tsa mabenkele, diwebsaete mabitso a kgwebo, kapa makala a mmuso a lekang ho reka, ho rekisa, ho hweba, ho nyehela kapa ho fana ka kapa ho kopa (ho kenyeletsa ka moelelo wa fantisi kapa rafole) dithunya, dikarolo tsa dithunya, mahlaahlela, diqhomane kapa dintlafatso tsa dibetsa tse kotsi.
Bakeng sa dikateng tse latelang, re thibela ponahalo ya tsona hore e qale ka batho ba baholo ba dilemo di 18 le ho feta:
Dinthwana tse leoditsweng le dibetsa tse ding:
  • Dikateng tse lekang ho reka, ho rekisa, ho hweba, ho hokahanya, ho nyehela, ho fana kapa ho kopa: dinthwana tse leoditsweng le dibetsa leha e le dife tse ding (mohl., senyanyatsi sa pepere kapa direng tsa dinakele).
  • Dikateng tse buang hantle ka, tse fanang ka ditaelo tsa ho sebedisa kapa ho kgothaletsa tshebediso ya dithunya, dikarolo tsa dithunya, dikulo, diqhomane, dinthwana tse etsang hore di be kotsi le ho feta, kapa dinthwana tse leoditsweng ditekolong tsa dihlahiswa
  • Dithekiso le papatso ya dikarolwana tse seng kotsi
Kwae le Dihlahiswa tse Tsamaelanang le Yona
Ha re dumelle:
Dikateng tse:
  • Lekang ho reka, ho rekisa, kapa ho hweba ka dihlahiswa tse tsamaelanang le kwae/nikothine, kapa dihlahiswa tse tshwantshang ho tsuba, ho kenyeletsa mefuta yohle ya "ENDS" Electronic Nicotine Delivery Systems Products (mohl., disakerete tsa elektroniki, di-vape, le di-vape tse se nang nikothine).
    • Ntle le ha di phoustilwe ke Leqephe, Sehlopha, kapa profaele ya Instagram e emetseng ditheo tsa semolao tse ahilweng, ho kenyeletsa dikgwebo tsa mabenkele, diwebsaete, mabitso a kgwebo, kapa motho wa poraefete ya abang dikateng lebitsong la ditheo tsa semolao tse ahilweng, ho kenyeletsa ho fana ka ditshebeletso tsa ho tsamaisa le disolo tsa mabitso a kgwebo.
  • Maiteko a ho nyehela kapa ho fana ka dihlahiswa tsa kwae/nikothine, kapa dihlahiswa tsa "ENDS".
    • Ntle le ha di phoustilwe ke Leqephe, Sehlopha, kapa profaele ya Instagram e emetseng ditheo tsa semolao tse ahilweng, ho kenyeletsa dikgwebo tsa mabenkele, diwebsaete, mabitso a kgwebo, kapa motho wa poraefete ya abang dikateng lebitsong la ditheo tsa semolao tse ahilweng, ho kenyeletsa ho fana ka ditshebeletso tsa ho tsamaisa le disolo tsa mabitso a kgwebo.
  • Kopang dihlahiswa tsa kwae/nikothine, kapa dihlahiswa tse tshwantshang ho tsuba, ho kenyeletsa mefuta yohle ya dihlahiswa tsa "ENDS" (di-vape tse se nang nikothine).
Bakeng sa dikateng tse latelang, re thibela ponahalo ya tsona hore e qale ka batho ba baholo ba dilemo di 18 le ho feta:
  • Dikateng tse phoustilweng ke kapa tse kgothaletsang ditheo tsa nnete tse hahilweng, ho kenyeletsa dikgwebo tsa mabenkele, diwebsaete mabitso a kgwebo, tse lekang ho reka, ho rekisa, ho hweba, ho nyehela kapa ho fana ka mpho ya jwala kapa dihlahiswa tsa kwae.
  • Dikateng tse bontshang tshebediso ya kwae, dihlahiswa tsa nikothine, kapa dihlahiswa tsa "ENDS".
  • Dikateng tse hokahanyang kapa tse kgothaletsang tshebediso ya kwae, dihlahiswa tsa nikothine, dihlahiswa tsa "ENDS", kapa mabitso a kwae.
  • Dikateng tse hlahisang Dihlahiswa Tsa ho Kgaotsa Kwae
  • Dikateng tse tshohlang kapa tse bapatsang tshebediso ya kwae, disebediswa tsa ho tsuba kwae kapa mabitso a kgwebo a kwae
  • Dikateng tsa diphatlalatso tse hlahisang ho tsuba kapa tshebediso ya kwae moelelong oo e leng wa nnete
    • Ntle le moelelo wa matsholo a kgahlanong le ho tsuba, ditshebeletso tsa boeletsi ka bokgoba ba ho tsuba, le mananeo a tlhabollo ya ho tsuba kapa moelelo wa PSA
Jwala
Ha re dumelle:
Dikateng tse:
  • Lekang ho reka, ho rekisa kapa ho hweba ka jwala ntle le ha:
    • Di phoustilwe ke Leqephe, Sehlopha, kapa profaele ya Instagram e emetseng ditheo tsa semolao tse ahilweng, ho kenyeletsa dikgwebo tsa mabenkele, diwebsaete, kapa mabitso a kgwebo, kapa motho wa poraefete ya abang dikateng lebitsong la ditheo tsa semolao tse ahilweng, ho kenyeletsa ho fana ka ditshebeletso tsa ho tsamaisa le disolo tsa mabitso a kgwebo.
    • Dikateng tse buang ka jwala kapa tse fanang ka memo ya ho ya sebakeng seo jwala bo tla beng bo fapanyetsanwa kapa bo nowa sebakeng sa ketsahalo eo, restjhurenteng, bareng, kapa phathing.
  • Ho leka ho nyehela kapa ho fana ka jwala kapa kwae, ntle le ha ho phoustilwe ke Leqephe, Sehlopha kapa profaele ya Instagram e emelang ditheo tse hahilweng tse molaong, ho kenyeletsa le dikgwebo tsa mabenkele, diwebsaete kapa mabitso a kgwebo kapa motho wa poraefete ya abang dikateng lebitsong la ditheo tse hahilweng tse molaong.
  • Di kopa dihlahiswa tsa jwala le dino.
Bakeng sa dikateng tse latelang, re thibela ponahalo ya tsona hore e qale ka batho ba baholo ba dilemo di 18 le ho feta:
  • Dikateng tse phoustilweng ke kapa tse bapatsang ditheo tsa semolao tse ahilweng, ho kenyeletsa dikgwebo tsa mabenkele,diwebsaete kapa mabitso a kgwebo, tse lekang ho reka, ho rekisa, ho hweba, ho nyehela kapa ho fana ka mpho ya dihlahiswa tsa jwala kapa dino.
  • Dikateng tse bontshang tshebediso ya dihlahiswa tsa jwala kapa dino kapa ho aba diresepe tsa dino tsa jwala.
  • Dikateng tse buang ka dihlahiswa tsa jwala kapa ho fana ka memo ya sebakeng sa jwala moo jwala bo tla fapanyetsanang kapa bo nowang.
Bophelo bo Botle le Boitekanelo
Bakeng sa dikateng tse latelang, re thibela ponahalo ya tsona hore e qale ka batho ba baholo ba dilemo di 18 le ho feta:
Dihlahiswa kapa ditshebeletso tsa ho theola mmele kapa ho eketsa mmele
Dikateng tse:
  • Lekang ho reka, ho rekisa, ho hweba, ho nyehela, ho fana, ho bolela kapa ho kopa dihlahiswa kapa ditshebeletso tsa ho theola mmele kapa ho eketsa mmele.
  • Dumelang ho, kapa tse bontshang tshebediso ya sehlahiswa sa ho theola mmele kapa sa ho eketsa mmele, ka moelelo o motle, kapa ho bua ka ditlamorao tsa sona.
  • Bontshang kgokahanyo kapa papatso (seo re bolelang ke ho bua hantle, ho kgothaletsa tshebediso kapa ho fana ka ditaelo tsa ho sebedisa kapa ho etsa) sehlahiswa sa dijo.
  • Tse nang le dipolelo tse nyenyefatsang tshobotsi ya mmele (ke hore mantswe, ditlhaloso, kapa dipotso tse mpe le tse hlaselang tshobotsi ya motho e mong, dikarolo tse itseng tsa mmele, kapa bohlweki), kapa ditshwantsho tse nketsweng haufi tsa karolo e itseng ya mmele e bontshang mafura a tsipilweng.
  • Dipolelo tsa hore diphetho di ka fihlellwa ka ho sebedisa feela dihlahiswa tse ka tsheptjwang, tse kang mabenyane kapa dipetjhe.
  • Tse sebedisang maqheka a bolotsana a ho susumelletsa batho ho tobetsa dipapatso tse amanang le ho theola mmele kapa ho eketsa mmele, jwalo ka puo e phahamisang maikutlo e nang le dipolelo tse feteletsang ditaba ka bophelo bo botle kapa tse eketsang tekano, kapa tse tshepisang sephetho se itseng ka nako e behilweng ntle le boitatolo kapa dintlha tse fetolang dipolelo tseo hanyane bakeng sa tlhakiso.
Dihlahiswa, Dioporeishene kapa Disejari Tsa Botle
Dikateng tse:
  • Lekang ho reka, ho rekisa, ho hweba, ho nyehela, ho fana, ho bolela, ho kopa dihlahiswa, diophareishene kapa disejari tsa botle Sena se kenyeletsa:
    • Dihlahiswa tse Etsang Hore Letlalo le be Lesweu tse kang ditlolo tse blitjhang.
    • Diopereishene tsa botle ka morero wa ho alafa, kapa ho ntjhafatsa tshebetso kapa sebopeho sa difahleho kapa mmele ya batho.
  • Dumelang kapa tse hlahisang tshebetso ya opereishene kapa sejari ya botle, tse hlakisang tsela e ntle kapa e mpe eo di amang batho ka yona, kapa ditlamorao tsa yona.
  • Bontshang kgokahanyo kapa kgothaletso (seo re se bolelang ke ho bua hantle, ho kgothaletsa tshebediso kapa ho fana ka ditaelo tsa ho sebedisa kapa ho etsa) ya opereishene kapa sejari ya botle.
  • Tse nang le dipolelo tse nyenyefatsang batho ka tjhebahalo ya mmele, (ke hore mantswe, ditlhaloso kapa dipotso tse mpe kapa tse hlaselang tjhebahalo ya motho, dikarolo tse itseng tsa mmele, kapa bohlweki)
Ela hloko: Ho bapatsa mekgwa ya ho ikwetlisa (e kang di-Pilate) kapa ditlolo tsa nakwana (tse kang makeup) ha di tshohlwe ke leano lena.
Ditlwaelo tse Kgelosang tsa Bophelo bo Botle
  • Dipolelo (ho kenyeletsa tse tswang ho ditsebi tsa kalafo kapa mekgatlo ya kalafo) tsa pheko, phekolo, phediso leha e le efe ya mafu a latelang a sa phekoleheng le/kapa mafu a bolayang (letoto le feletseng): Ela hloko: Sena ha se sebetse dipolelong tse mabapi le ho kalafo kapa ho laola matshwao a maemo ana.
    • Lefu la tswekere
    • Herpes
    • Thyroid
    • Psoriasis
    • Ebola
    • Kankere
    • Autism
    • Alzheimer's
    • Parkinson's
    • Bolwetse bo Methapokutlo bo Fokodisang Mesifa le Tshebediso ya Mmele (ALS)
    • Vaerase e fokodisang masole a mmele a motho (HIV)
  • Tse sebedisang maqheka a bolotsana a susumelletsang batho ho tobetsa dipapatso tsa bophelo bo botle, tse kang puo e phahamisang maikutlo e nang le dipolelo tse feteletsang ditaba tsa bophelo bo botle, kapa ditshisinyo tsa sephetho se itseng se amanang le bophelo bo botle nakong e itseng ntle le boitatolo kapa dintlha tse fetolang dipolelo tseo hanyane ho hlakisa.
Dihlahiswa tse tsosang takatso ya thobalano ya batho ba baholo
Dikateng tse:
  • Lekang ho reka ho rekisa, ho kgothaletsa ho hweba, ho nyehela ho fana kapa ho kopa dihlahiswa tse tsosang takatso ya thobalano ya batho ba baholo, moo ho tsepamisitsweng maikutlo tabeng ya ho hlasimolla monyaka wa motho wa thobalano kapa ho eketsa takatso ya motho ya thobalano, ka moelelo oo e seng wa nnete kapa wa nnete. Sena se kenyeletsa:
    • Dithoye tsa thobalano
    • Dihlahiswa tse tsosang takatso ya thobalano
    • Dihlahiswa tseo e seng tsa bongaka tse hodisang mapele, tse kang dihlahiswa tse hlasimollang takatso ya thobalano kapa tse ntlafatsang thobalano
    • Dihlahiswa moo morero wa mantlha e leng wa ho hlasimolla takatso ya thobalano
    • Ho hlahisa dithoye tsa thobalano ntle ho moelelo o hlakileng
Dihlahiswa tsa Bophelo bo Botle kapa Boitekanelo ba Tswadiso
Dikateng tse:
  • Lekang ho reka, ho rekisa, ho bapatsa, ho hweba, ho nyehela, ho fana, ho kopa dihlahiswa tsa bophelo bo botle kapa boitekanelo ditabeng tsa pelehi le ho tswala. Sena se kenyeletsa:
    • Dihlahiswa Tsa Bophelo bo Botle kapa Boitekanelo ba Ditabeng Tsa Pelehi le Tswala moo taba e ka sehloohong e leng monyaka wa thobalano mme e seng melemo ya bongaka, ho kenyeletsa tse nang le dinthwana tse tshwanang le ditho tsa botona kapa tsa botshehadi
    • Dihlahiswa tse sebetsanang le mafu a etsang hore motho e be nyopa
    • Dioporeishene tse fetolang mapele
    • Dioporeishene tsa mapele a batho ba baholo
    • Thuto ya thobalano ho tsepamisitswe maikutlo monyakeng wa thobalano
    • Dihlahiswa tsa homone (tse kang, testosterone boosters)
Dikgwebo tsa thobalano ya batho ba baholo
Dikateng tse:
  • Lekang ho reka ho rekisa, ho bapatsa, ho kopa dikgwebo tsa thobalano ya batho ba baholo, tse ka hlasimollang monyaka wa motho wa thobalano kapa ho eketsa takatso ya motho ya thobalano. Sena se kenyeletsa:
    • Dikgwebo tsa boithabiso tsa batho ba baholo
    • Ditheo tsa batho ba baholo
    • Ditshebeletso tsa ditaelo tsa thobalano
Ho Betjha le Dipapadi Inthaneteng
Bakeng sa dikateng tse latelang, re thibela ponahalo ya tsona hore e qale ka batho ba baholo ba dilemo di 18 le ho feta:
Ho Betjha le Dipapadi Inthaneteng
  • Dikateng tse lekang ho rekisa, ho hweba, ho hlahisa kapa ho kgothaletsa dipapadi tsa inthaneteng le ditshebeletso tsa ho betjha moo eng kapa eng e ka rekiswang ka tjhelete (ho kenyeletsa kontane kapa ditjhelete tsa dijithale/tse vetjhuwale, ka mohlala, bitcoin) e hlokehang ho bapala le eng kapa eng ya boleng ba tjhelete e le karolo ya moputso. Sena se kenyeletsa empa ho sa felle ka:
    • Dipapadi tsa boitsebelo, diloto/dirafole, ho betjha, ho betjha dipapadi, dipapadi tsa khasino, dipapadi tsa monyetla, kapa di-sweepstake/dikgulo tsa moputso.
    • Dipapadi tsa ho Betjha tse bapalwang ka nako e itseng ya teko le tse batlang tefo kamora moo.
Dipapadi tsa Khasino tsa Setjhaba
  • Dikateng tse lekang ho reka, ho hweba, ho hlahisa kapa ho kgothaletsa dipapadi tsa khasino tsa setjhaba tse tshwantshang dipapadi tsa ho betjha tse kang metjhini, moo ho se nang monyetla wa ho hapa tjhelete kapa sa boleng ba tjhelete. Sena se kenyeletsa dikateng tse supang monyetla wa ho hapa "dikhoene" tseo e seng tsa boleng ba tjhelete.
Dipapadi tse bapalwang mahala ka moelelo wa ho Betjha
  • Dikateng tse lekang ho reka, ho hweba, ho hlahisa kapa ho bapatsa dipapadi tse bapalwang mahala tse tshwantshang dipapadi tsa ho betjha, moo eng kapa eng ya boleng ba tjhelete e sa hlokeheng bakeng sa ho bapala papadi, empa ho ka nna ha se be le monyetla wa ho hapa tjhelete kapa sa boleng ba tjhelete.
Mefuta e kotsing ya ho fela le e sireleditsweng (diphoofolo tse hlaha le dimela tsa naha)
Ha re dumelle:
Dikateng tse:
  • Lekang ho reka, ho rekisa, ho hweba, ho nyehela, kapa ho fana kapa ho kopa diphoofolo tse kotsing ya ho fela kapa dikarolo tsa tsona kapa mefuta ya dimela.
  • Tse dumelang ho kapa tse kgothaletsang ho tsoma ho seng molaong, ho reka kapa kgwebisano ka diphoofolo tse kotsing ya ho fela kapa dikarolo tsa tsona ho entsweng ke motho ya phoustang dikateng ka boyena kapa bomphato ka batho ba bang. Sena ha se kenyeletse dipontsho tsa ho tsoma ho seng molaong ke batho ba sa tsejweng.
  • Tse hlahisang ho tsoma ho seng molaong ha diphoofolo tse kotsing ya ho fela, kapa dikarolo tsa tsona ho entsweng ke motho ya kenyang phouste kapa dikateng ka boyena kapa bomphato ba hae.
  • Bontshang tlhophiso kapa papatso (seo re se bolelang ke ho bua hantle ka, ho kgothaletsa ho tsoma ho seng molaong diphoofolo tse kotsing ya ho fela, kapa ho fana ka ditaelo tsa ho sebedisa kapa ho etsa dihlahiswa ka tsona kapa ka dikarolo tsa tsona kapa eng kapa eng ya diphoofolo tse hlaha kapa dimela tsa naha tse kotsing.
Diphoofolo tse seng kotsing
  • Dikateng tse lekang ho reka, ho rekisa kapa ho hweba ka diphoofolo tse seng kotsing ntle le ha:
    • Di phoustilwe ke Leqephe, Sehlopha kapa profaele ya Instagram e emelang ditheo tsa semolao tse ahilweng, ho kenyeletsa dikgwebo tsa mabenkele, diwebsaete tsa semolao, mabitso a kgwebo kapa dibaka tsa botshabelo kapa motho wa poraefete ya abang dikateng lebitsong la ditheo tsa semolao tse ahilweng.
    • Di phoustilwe ka moelelo wa ho adopta, ho fana, ho kopa, ho nyehela kapa ho fana ka botshabelo bakeng sa diphoofolo tse phelang tse seng kotsing, ho kenyeletsa ditefello tsa botshabelo bakeng sa ho adoptuwa ke dithaka.
    • Di rekisa phoofolo bakeng sa sehlabelo sa bodumedi, kapa di tshepisa moputso bakeng sa diphoofotswana tse lahlehileng.
    • Di phoustilwe ka moelelo wa thekiso ya diphoofolo.
    • Di phoustilwe ka moelelo wa ho reka, ho rekisa kapa ho fana , ho kopa , ho nyehela ka manaka a diphoofolo, ditho , ditlhakwana, ditopo, ho suuwa ha matlalo, bolokwe (ho sa kenyeletswe podiswa kapa manyolo).
    • Di phoustilwe ka moelelo wa ho fana ka dihlahiswa tse amanang le diphoofolo bakeng sa ho jewa ke batho tse kang mahe, tlhapi, jj.
Dinthwana tsa Bonono ba Kgale
Ha re dumelle:
Dikateng tse lekang ho reka, ho rekisa, ho hweba, ho nyehela, kapa ho fana kapa ho kopa dintho tsa bohlokwa tsa kgale.
Dithoto le Thepa e Kotsi
Ha re dumelle:
Dikateng tse lekang ho reka, ho rekisa, ho hweba, ho nyehela, kapa ho fana kapa ho kopa dithoto le thepa e kotsi.
Dikarolo tsa Mmele wa Motho le Maro a Tswang Mmeleng
Ha re dumelle:
Dikateng tse:
  • Lekang ho reka, ho rekisa kapa ho hweba ka dikarolo tsa mmele wa motho, esita le ka nqane ho dikateng tsa kgwebisano ka batho e thibetsweng tlasa Leano la Kganyapetso ya Batho.
  • Ho kopa phapanyetsano ya lero la batho.
  • Lekang ho reka, ho rekisa kapa ho hweba ka maro a mmele wa motho.
  • Ntle le ha ho phoustilwe bakeng sa nyehelo ya maro a batho a kang peo ya bonna kapa lero la madi.
Thepa e Kgutlisitsweng
Ha re dumelle:
Dikateng tse lekang ho reka, ho rekisa, ho hweba, ho hlophisa kgwebisano ya, ho nyehela, ho fana kapa ho kopa dithethefatsi tse kgutlisitsweng.
Boiphihlelo ba basebedisi
Sheba mehlala e meng ya kamoo phethiso ya molao e shebahalang bakeng sa batho ho Facebook, e kang: hore na ho jwang ho tlaleha ntho e o nahanang hore ha e a lokela ho ba ho Facebook, ho bolellwa hore o tlotse Melao ya Setjhaba ya rona le ho bona sekrine sa temoso mabapi le dikateng tse itseng.
Ela hloko: Re dula re ntlafala, kahoo seo o se bonang mona e ka nna ya ba ke sa kgalenyana ha ho bapiswa le seo re se sebedisang hajwale.
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Ho Tlaleha
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Puisano ya kamora tlaleho
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Boiphihlelo ba ho fokotsa
BOIPHIHLELO BA BASEBEDISI
Disekrine tsa temoso
Datha
Sheba Tlaleho ya moraorao ya Qobello ya Melao ya Setjhaba
Qobello
Re na le maano a tshwanang lefatsheng ho pota, bakeng sa bohle ba ho Facebook.
Dihlopha tsa tekolo
Moifo wa rona wa lefatsheng lohle wa balekodi ba fetang 15,000 o sebetsa letsatsi ka leng ho etsa hore batho ba dule ba bolokehile ho Facebook.
Ditherisano le bankakarolo
Ditsebi tsa ka ntle, dirutehi, di-NGO le baetsi ba maano ba thusa ka ho tataisa Melao ya Setjhaba ya Facebook.
Fumana thuso ka thepa le ditshebeletso tse thibetsweng
Ithute seo o ka se etsang haeba o bona ho hong ho Facebook ho kgahlanong le Melao ya Setjhaba ya rona.
Etela Setsi sa Thuso sa rona